NA EBE MAHLOKO A KGAELLO YA AYODINE (IDD) KE ENG?
Ayodine ke minerale e hlokwang ke mmele wa motho bakeng sa kgolo ya boko, bophelo bo botle le kgolo ya bana. Ha motho a sa fumane ayodine e lekaneng, motho eo a ka ba le maemo a fapafapaneng a kelello le mmele a bitswang mahloko a kgaello ya ayodine (Iodine Deficiency Disorders - IDD).
Bana ha ba hole ka ho phethahala. Ba atisa ho ba bakgutshwanyane ho feta bana bao e leng dithaka tsa bona ba fumanang ayodine e lekaneng.
Bana ba ba le mathata a ho ithuta mme ha ba sebetse hantle sekolong.
Batho ba kgathala ha bonolo.
Bana ba hlaha ba le banyenyane.
Masea a ba le temalo bokong.
Ho tswa ha mpa ka tlhaho ho jwalo ka ho hlaha ha ngwana a se a kgathetse mmoho le ho senyehelwa ke mpa.
Batho ba ka ba le koitara. Koitara ke thuruho molaleng. Sena se bontsha hore mmele o na le kgaello e mpe haholo ya ayodine.
Pic: Mosebeletsi wa tsa bophelo bo botle o lekola mokudi ya nang le koitara
KE MANG YA KA KENWANG KE MAHLOKO A KGAELLO YA AYODINE?
Motho ofe kapa ofe ya sa fumaneng ayodine e lekaneng a ka kenwa ke mahloko a kgaello ya ayodine.
Haeba motho eo:
O sebedisa letswai le nang le ayodine e fokolang, letswai le mahwashe;
O sebedisa letswai le se nang ayodine;
O sebedisa letswai le se nang ayodine ho tswa paneng ya letswai; mme/kapa
O ja dijo tse se nang ayodine e lekaneng.
Dijo tse jetsweng mobung le/kapa metsing a nang le ayodine e nyenyane, ka tlwaelo di ba le tekanyetso e tlase ya ayodine. Dikarolong tse ngata tsa lefatshe, ho kenyeletswa le Afrika Borwa, ayodine e mobung e se e fedile ka lebaka la kgoholeho ya mobu kapa merwallo.
MOKGWA WA HO THIBELA MAHLOKO A KGAELLO YA AYODINE
Ditsela tse molemo ka ho fetisisa tsa ho qoba mahloko a kgaello ya ayodine ke:
Ho sebedisa letswai le nang le ayodine. Lona le a fumaneha bongateng ba mabenkele a rekisang kerosari. Letswai le tshwanetse ho ba le mantswe ana ?iodated salt? pakaneng.
Ho ja dijo tsa lewatle tse jwalo ka tlhapi ya metsi a letswai, ha ho kgoneha.
Ho na le molao mona Afrika Borwa o bolelang hore letswai lohle la dijo tsa tafoleng le rekisetswang setjhaba le tshwanetse ho ba le ayodine.
MOTHO O TSHWANETSE HO SEBEDISA LETSWAI LE LEKAE LE NANG LE AYODINE HO THIBELA MAHLOKO A KGAELLO YA AYODINE??
Sekotwana feela se ka tshwarwang ka menwana sa letswai la tafoleng letsatsi ka leng se lekane ho ka thibela mahloko a kgaello ya ayodine.
Ha ho hlokehe hore mang kapa mang a je letswai le eketsehileng le nang le ayodine. Ho ja ditekanyetso tse kgolo tsa letswai le nang le ayodine ha ho na ho etsa hore motho a be bohlale kapa a hole a be molelele. Hantlentle, letswai le lengata ho feta tekano le ka eketsa kgatello ya madi mme sena se kotsi haholo.
NA EBE LETSWAI LE NANG LE AYODINE LE LATSWEHA KA HO FAPANENG??
Letswai le nang le ayodine le shebahala le ho latsweha hantle fela jwalo ka letswai le se nang ayodine.
NA EBE LETSWAI LE NANG LE AYODINE LE BOLOKEHILE??
EE, letswai le nang le ayodine le bolokehile. Bahlahisi ba letswai ba kenya ayodine e nyenyane haholo letswaing, mme yona ke e lekaneng bakeng sa ditlhoko tsa mmele. Hape letswai le nang le ayodine ha le na kotsi bakeng sa batho ba seng ba fumana ayodine e lekaneng mehloding ya dijo tsa tlhaho.
NA LETSWAI LE NANG LE AYODINE LE TSHWANETSE HO SEBEDISWA LE HO BOLOKWA JWANG??
Boloka letswai la hao le nang le ayodine setshelong se ommeng se nang le sekwahelo se kwalehang ka thata kapa le kwalle mokotlaneng wa polasetiki, hobane ayodine e moyafala ha bonolo.
Tshela feela sekotwana se ka tshwarwang ka menwana dijong ha dijo di se di tlo butswa ka ho phethahala, hobane karolo e itseng ya ayodine e qetwa ke motjheso ka nako ya ho pheha.
HO THWENG HA MMELE WA MOTHO O SA UTLWANE LE AYODINE??
Ke batho ba mmalwa haholo bao mmele ya bona e sa utlwaneng kapa e utlwelang ho ayodine. Leha ho le jwalo, ba ka kopa dikhemisi tse haufi hore di ba etsetse otara ya letswai le se nang ayodine.
NA KE HOBANENG HO LE BOHLOKWA HO THIBELA MAHLOKO A KGAELLO YA AYODINE?
Ke hwa bohlokwa ho thibela mahloko a kgaello ya ayodine ka lebaka la sephetho se sengata se sebe kelellong le mmeleng sa bohloko bona.
Motho e mong le e mong o hloka mefutafuta ya dijo le sekotwana se ka tshwarwang ka menwana sa letswai le nang le ayodine letsatsi ka leng bakeng sa bophelo bo botle le kgolo ya kelello le mmele e betere ho feta.
E hlahiswa ke Lefapha la Bophelo bo Botle
Mohala: 012 312 0000
Phato 2001
